Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Stellies se phatlalatsa dibapadi tse tswang ho Chiefs ka phapanyetsanong

Sehlopha sa Stellenbosch se phatlaladitse semmuso dibapadi tsa bona tse pedi ho tswa sehlopha sa Kaizer Chiefs.

Ashley Du Preez le Given Mosimango, ba lebile ho Stellenbosch phapanyetsanong eo ho yona Chiefs e fumaneng Langelihle Phili.

Phapanyetsano ena e tlile ka mora hore Chiefs e bontshe kgahleho ho Phili le ha Stellenbosch se ile sa latola ka yena.

Chiefs e tswelapele ho bontsha kgahleho ho fihlela bobedi dihlopha dikena tumellano ya phapanyetsanong ya dibapadi ho kenyeletsa le tjhelete.

Du Preez o kgutlela Stellenbosch moo a iketseditseng lebitso teng ka mora ho sokola morethetho ho Chiefs.

Mosimango, o lebile ho Chiefs a tswa ho TS Galaxy mme le yena o hlokile lehlohonolo la ho bapala ka lebaka la dikotsi.

Ka bobedi dibapadi tsena dikene selekaneng sa moshwelella [Permanent deal] le Stellenbosch ba ke ke ba kgutlela ho Chiefs.

BALA: Chiefs e tsibisa sebapadi seo e leng kgale ba se batla