
Al Ahly e leleka mokwetlisi Jose Riveiro
Sehlopha sa Egypt sa Al Ahly, se arohane le mokwetlisi wa mehleng wa Orlando Pirates Jose Riveiro dikgwedi tse tharo a le tshebetsong.
‘The Reds’ e hlalositse ha e arohana le mokwetlisi ka tumellano ya mahlakore bobedi ‘Mutual Consent’ letsatsi ka mora ho hlolwa.
Riveiro, o kene dieteng tsa Marcel Koller ka mora hore Koller a arohane le sehlopha hang ka mora ho se phunyelletse ho makgaolakgang a CAF Champions League.
‘The Spanish Guitar’ o lebile le Al Ahly mohopeng wa lefatshe (Club World Cup) e le teko ya hae ya pele jwalo ka mokwetlisi wa sehlopha.
Al Ahly, e qadile sehla ka monyebe papisong le dihla tse ding mme seo e kaba lebaka la karohano ena.
Dipapading tse supileng tseo Ribeiro a kwetlisitseng ho tsona, o hapile papadi e lengwe, a bapala maleka ho tse nne le ho hlolwa ho tse pedi.
Ka mora papadi ya hara beke moo sehlopha se bapetseng maleka le GhazI El Mahallah, moifo wa batsamaisi ba sehlopha o ile wa etsa kopano e potlakileng le ha dikateng tsa yona disa tsejwe.
Karohano ena, etla ka mora papadi kgahlano le Pyramids eo e leng bompudi ba CAF Champions League. Pyramids e hlotse Al Ahly ka ntlha tse pedi ho noto (2 – 0).
Mokwetlisi enwa ya hapileng mehope le Pirates o kena palong ya bakwetlisi ba dutseng nako e kgutshwane ka ho fitisisa sehlopheng sa Al Ahly.
BALA HAPE: jose-riveiro-o-sokola-morethothong-egypt
