
Mosimane: Ke na le kgahleho ya ho kwetlisa Bafana Bafana
Mokwetlisi wa mehleng wa Mamelodi Sundowns le Al Ahly Pitso Mosimane, o buile a sa lobe letho ka maikutlo a hae a ho kwetlisa sehlopha sa naha sa Bafana Bafana.
Puisanong le Robert Marawa ho SMWX, Mosimane o hlalositse ha a na le tabatabelo ya ho kwetlisa Bafana Bafana le ho hapa se seng le sehlopha sena sa naha.
“Kena le kgahleho, mohlomong ke maikutlo (ego) empa ke ya batla ho hapa mohope wa AFCON le ho kwala ntho e nngwe le e nngwe,” ho realo Mosimane.
“Ke ona fela metale oo ke senang ona kontineneteng. Nka rata ho o hapa le Afrika Boroa mme ke ya tseba hore e ka kgonahala.”
Mantswe a Mosimane, a tla ka nako eo Afrika Boroa e tla leba mohopeng wa lefatshe tlasa bokwetlisi ba Hugo Broos ya tla beha meja fatshe ka mora dipapadi tseo tsa mohope wa lefatshe.
Mosimane, o ntse a hloka sehlopha ka mora ho arohana le sehlopha seo a neng a se kwetlisa Esteghlal moo a kwetlisitseng dipapadi tse 14 fela.
Letswalla lena la Kagiso, ke yena mokwetlisi ya atlehileng ka ho fitisisa wa kwano Afrika Boroa ho hapa mohope wa CAF Champions League makgetlo a mararo ka dihlopha tse pedi tse fapaneng.
“Ha ke iketele mosebetsi, mokgatlo o tla kenya motho eo ba dumelang a tshwanelwa ke mosebetsi oo, empa ha o ka botsa hore nka tekena tumellano kajeno, nka e tekena hobane e tlaba tlotla ho nna.”
Mosimane o kile a sebetsa le Bafana Bafana ka 2010 e le motlatsa mokwetlisi sehlopheng se neng se bapala mohope wa lefatshe mme a sebetsa hape le sehlopha ka mora moo e le mokwetlisi.
BALA HAPE: Tinker o tshwaela ka Tuks le ho ntsha maikutlo ka Sundowns
