
Broos: Batshehetsi ba ahlola ka dipelo e seng kelello
Mokwetlisi ya tobang taba phatla ntjhontjho wa Bafana Bafana, o hlalositse ha batshehetsi ba Afrika Boroa ba nka diqeto ka dipelo e seng kelello.
Hugo Broos, o buile sena ka nako eo a neng a phatlalatsa sehlopha setla tobana le Panama boitukisetso ba dipapadi tsa mohope wa lefatshe.
“E nngwe ya dintho tseo ke ithutileng tsona ka Afrika Boroa, ke hore ba ahlola ka dipelo, ho realo Broos.
“Ha o nkahlola ka pelo, o tlo dula o fetoha le nako mme seo hase hantle. Karabelo eo re e fumaneng ka mora AFCON, e ne e le ya maikutlo. E ne e se karabelo e tssang kelellong.”
Mantswe a Broos a tlile ka nako eo a neng a tsibisa sehlopha se bileng le diphetoho tse tla baka dipuo dihana ho fela.
Lekgetlong lena Broos o bitsitse dibapadi tse 7 tse bapalang mose, tse 7 tsa Mamelodi Sundowns, tse 6 tsa Orlando Pirates le tse ding tsa dihlopha tse ding.
Broos o entse boipiletso ho balatedi ba papadi ya bolo Afrika Boroa ho bua se tswang kelello e seng se tswang pelo hoba se ba etsisa diphoso.
BALA HAPE: Links o ntsha maikutlo ka ho tlodiswa mahlo sehlopheng sa naha
