
Lelipo: Ke ntho e thabisang ho hlabela sehlopha dintlha tse hapang papadi
Sebapadi se Kaizer Chiefs seo e leng mopholosi wa sehlopha moraong tjena, se hlalosoitse ha sele motlotlo ka ka kabelo ya sona sehlopheng.
Makabi Lelipo o thusitse sehlopha ka makgetlo ho hapa dipapadi tseo honeng hose bonolo ho dihapa ka ho hlaba dintlha tseo e bileng tsona fela tsa dipapadi tseo.
Letswalla lena la DRC, o hapile kgau ya ntlha e ntle ka ntlha ya hae kgahlano le Marumo Gallants kgwedi e fetileng ya [Hlakola].
“Ke thabetse kgau ya ntlha e ntle ya kgwedi hobane hona le dibapadi tse hlwahlwa tse hlabileng dintlha empa batho ba kgethile nna, ho realo Lelipo.
Lelipo o hlalositse ha a dumela e le mosebetsi wa hae ho hlaba dintlha le ho thusa sehlopha mme ntho e mothabisang ke ha a e tsa tseo kaofela.
“Ke sebapadi sa Profesional mme ke thabela ha ntse ke hlaba dintlha le ho hapela sehlopha dintlha tse tharo.”
Lelipo o dumetse hore sehlopha sa bona se fitile nakong e thata empa ba tshwarane le ho sebetsa jwalo ka sehlopha.
“Re sebetsa jwalo ka sehlopha boikwetlisong mme papadi ya Magesi re itukisetsa ho e hlola le ha ba bapala hantle morao le tlhaselong.”
Chiefs e tla amohela Magesi la Moses Mabhida ka moqebelo. Sehlopha setla lwana ya kgumamela ho hapa papadi ya bobedi ka tatellano ha Magesi e dutseng mohatleng, e tla lwanena ho fumana dintlha tse tharo.
BALA HAPE: Links o ntsha maikutlo ka ho tlodiswa mahlo sehlopheng sa naha
