Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o aletsa ka sehlopha setla leba mohopeng wa lefatshe

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos o tsibisitse le ho netefatsa ha boholo ba dibapadi tse sehlopheng sa naha ha jwale e tlaba karolo ya sehlopha setla leba mohopeng wa lefatshe dikgwedi tse tlang.

Broos o buile sena sebokeng sa baqolotsi ba ditaba letsatsi pele sehlopha se kena papading ya bobedi ya setswalle kgahlano le naha ya Panama.

Le ha a sa ntsha mabitso kapa ho totobatsa hore ke bo mang batla emela naha, Broos o aleditse ha 70 ho isa ho 75% ya dibapadi ditla kena le yena sefofaneng ho tobana le Mexico, South Korea le kemedi ya Europe.

“70 ho isa ho 75% ya dibapadi tse kampong ya sehlopha ha jwale, e tlaba karolo ya sehlopha setla leba mohopeng wa lefatshe,” ho realo Broos.

Le ha sehlopha se kaba le papadi empa hosane [31 Hlakubele], dibapading tse 23 sehlopheng, tse 70 ho isa ho 75% ditlabe dina le na mohopeng wa lefatshe.”

Broos ya neng a kgethile ho phomotsa Mbekezeli Mbokazi le Bongikuhle Hlongwane papading ya pele, o hlalositse ha dibapadi kaofela dile teng ho hoba mala-a-laotswe bakeng sa papadi ya bobedi.

“Nka o tsibisa hore dibapadi kaofela tse 23 diteng bakeng sa papadi kgahlano le Panama. Ha hona sebapadi se lemetseng kapa se kulang.”

Tebello ke ho bona hore Broos o tla sebedisa mang bakeng sa papadi ka mora ho etsa tshepiso ya hofa dibapadi monyetla empa a kgutla le ho kwenehela mantswe a hae ka ho hlalosa a ke ke a etsa diphetoho tse kalo sehlopheng se bapatseng papadi ya pele.

Papadi ena eo ditekete tsa yona direkisitseng kaofela, e tla bapala kala 31 Hlakubele lebaleng la DHL mme etla thakgoha ka 19:30 bosiu.

BALA HAPE; Mokwetlisi wa Bafana Bafana o fetohela dikano hape