
Batshehetsi ba Chiefs ba arohana dikoto ka mokwetlisi
Batshehetsi ba sehlopha se se holo sa Kaizer Chiefs, bana le maikutlo a fapaneng ka ditaba tsa moraorao ka mokwetlisi eo ho utlwahalang sehlopha se le mehlaleng ya hae.
Le ha hose netefaletso ya semmuso, lehlokwana la tsela le kuma ha Chiefs e le mehlaleng ya mokwetlisi wa mehleng wa Mamelodi Sundowns ya kwetlisang Golden Arrows Manqoba Mngqithi.
Menyenyetsi ena e fihlile ka tsela tse fapaneng batshehetsing ba sehlopha moo ba bang ba dumelang e kaba qeto e fosahetseng ha ba bang ba dumela e kaba qeto e nepahetseng.
Batshehetsi ba Chiefs, haba kgotsofalla tshebetso ya bokwetlisi ba ha jwale sehlopheng mme ba batla sehlopha se fumane mokwetlisi e mong ha sehla se fihla pheletsong ho qala le sehla setla.
Le ha hole jwalo, maikutlo a batshehetsi a ntse a fapaneng jwalo ka ha ba bang ba bitsa lebitso la Pitso Mosimane ha ba bang ba bitsa lebitso la Benni McCarthy.
Ka bobedi bakwetlisi bana ba phahamisitse letsoho bakeng sa mosebetsi ho Chiefs le ho hlalosa ha sehlopha se tsela metja e nepahetseng ho fumana ditshebeletso tsa bona.
Tebello ke ho bona hore sehlopha setla nka qeto ya mofuta o fe ha sehla se fihla pheletsong jwalo ka ha Kaizer Motaung Jr a ile a etsa kaletsa ya hore diphetoho ditlaba teng bokwetlisi sehleng setlang.
BALA HAPE: Mokwetlisi wa Bafana Bafana o fetohela dikano hape
