
Cardoso o babatsa le ho hlalosa seabo sa Saleng sehlopheng
Ka mora ho kgwathisa Marumo Gallants le ho nka ketapele ya Betway Premiership, mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o hlalositse ha jwalo ka sehlopha bantse ba ithuta Monnapule Saleng.
Mantswe a Cardoso a tla ka nako eo Saleng a bonahalang a ntse a fumana morethetho le ho ba karolo ya sehlopha se bapalang beke le beke.
“Saleng ke sebapadi seo ntse re ithuta yena letsatsi le letsatsi, re leka ho moutlwisisa le hore a utlwisise seo re selebetseng ho yena,” ho realo Cardoso.
“O kgona ho bapala mahlakore bobedi (left and right) mme phapang ke hore hara fumana monyetla o lekaneng le yena ho mobontsha motjha wa sehlopha.”
Le ha a o hlabe ntlha mebaleng ya Sundowns, Saleng ke sebapadi se tlisang phetoho ka lebaleng le ho etsa menyetla bakeng sa dibapadi tse ding hore dihlabe dintlha.
Selekane sa Saleng le Iqraam Rayners eo le yena a kenang a hlaha bakeng, se bonahala se tshwarisa dihlopha tse ngata bothata bo boholo.
Cardoso o thabisitswe ke bokgoni ba Saleng ba ho bapala hohle moo a mobapadisang teng.
“Ha o ka sheba bekeng ena ke mobapadisitse ka lehlakoreng le letona mme ke kgotsofaditswe ke ka moo a baptseng ka teng. Ke sebapadi se ratang ho bapala moo honang le dikgeo. O raya papadi mme ke sebapadi se sehlahlo.”
BALA HAPE: Sundowns e kena leetong ka pososelo
