Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

De Sa qetong ya CAF: Nna nka hana ka metale le tjhelete

Mokaubere wa mokwetlisi e bile e le sethibathibane sa Afrika Boroa sa mehleng, se hlalositse ha CAF e ikenyeditse mahlo ka qeto ya bona ya ho hlotha Senegal mohope wa AFCON.

Puisanong le Kickoff, Roger De Sa o hlalositse ha CAF e le yona e fositseng dikonopo ka diqeto tsa bona ho tloha ha dibapadi tsa Senegal dingala papadi ho fihlela qeto ya ho qetela.

“Hao hopola ka nako ya ketsahalo eo, ke itse ho latela melao ya bolo, Senegal e ne e sa lokela ho hapa mohope. Dibapadi dikase tlohele papadi e ntse e bapala,” ho realo De Sa.

“Ka nako eo bane ba kgutlela ka lebaleng, bane ba lokela ho fuwa ditekete, ke seo molao o se hlalosang. CAF e batla e ile ka hodima melao jwale ba bonahala ba phoqehile (little silly).”

De Sa o ngongorehiswa ke hore qeto tsa mofuta ona dika etsa lefatshe le bone e ka Afrika e hloka lesapo la mokokotlo wa ho nka diqeto tse nepahetseng.

“Lefatshe letlo sheba AFCON jwang ka mora dilemo ba ntse ba nyenyefatsa le ho hlalosa hore ke tlhodisano e senang molemo? Qeto ya hana jwale, e tlo fa mantswe a bona matla.”

E bang tjhelete e lefuwe ho Senegal, ke mang a tlo e kgutlisa le dimetale? Ntho eo ke e tsebang ke hore nna ne nke ke ka dikgutlisa. Tsena tsohle ke maolentlhapedi ka mahohle mme hase ntho e ntle papading ya bolo kontinenteng.”

“Kontinente ya rona ena le tsela tse fapaneng tsa ho itshenya lebitso ka bo yona mme ke ntho e sa kgolweheng.”

BALA HAPE: Senegal e ke ke ya lalla kahlolo ya CAF ka mmele