Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Dithejane o hapela Mosimane papadi ya boraro ka tatellano

Sehlopha sa naha sa Bafana Bafana, se phethetse kgefutso ya FIFA ka noto e hodimo ka mora ditlholo tse tharo.

Afrika Borwa, e hlotse Egypt papading setswalle ka 1 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Cairo bosiu ba sontaha.

Ntlha ya Afrika Borwa e hlajowe ke Puso Dithejane e le bolo e ntle hotswa ho Andre Campbell le phoso ya sethibathibane sa Egypt.

Mosimane o qadile papadi ena ka boholo ba dibapadi tse sa fumanang monyetla wa ho bapala dipapading tse pedi tse fitileng empa ba itshupa ka tsela e tshwanang.

Papadi ene e le ya boraro ya Mosimane mme o hapile dipapadi tsa hae tse qalang ka boraro ba tsona moo a hlajoweng ntlha e le nngwe.

2-1 against 🇬🇳 Guinea
5-0 against 🇪🇷 Eritrea
1-0 against 🇪🇬 Egypt

Tshebetso ena e phahamisetse sehlopha ka dikgatlo tse tsheletseng kaofela. Ha jwale Afrika Borwa e dutse boemong ba 48 dipalopalong tsa lefatshe.

Dipapadi tse lateng tsa sehlopha ditla bapala kgwedi e tlang ya Pudungwana kgahlano le naha ya Kenya e kwetliswang ke Benni McCarthy wa Afrika Borwa.

vs Kenya — 11 November 2026
vs Kenya — 15 November 2026

BALA: Dihlopha tse kgolo tsa mose di beya Relebohile Mofokeng mahlo