
Ndlondlo o bua ka lerato la batshehetse ba Pirates
Sebapadi sa Marumo Gallants se hlaselang Ndabayithethwa ‘Mini Copper’ Ndlondlo, o buile ka lerato leo a le bontshitsweng ke batshehetse ba Orlando Pirates ka mora papadi ya moqebelo.
Gallants e ne thulane le Pirates ho makgaolakgang a Carling Knockout moo Pirates e hlotseng papadi ka 1 – 0 ka mora nako e ekeditsweng.
Batshehetse ba Pirates ba bontshitse lerato le ho bina le Ndlondlo eo e leng sebapadi sa mehleng sa Pirates.
Ndlondlo o lebile ho Pirates a tswa ho Gallants kapa TTM ya mehleng mme nako ya hae ho Pirates yaba ho dula a le bankeng.
Puisanong le Arthur Mafokate, Ndlondlo o hlalositse ha a ne a sa bapalle ho bontsha ntlha e itseng empa a ne a bapala jwalo ka tlwaelo.
“Ke ne ke sa leke ho bolaya Pirates, ke ka tsela eo keleng ka yona. Ka bomadimabe re hlajowe ntlha ka nako e hlokolosi ya papadi,” ho realo Ndlondlo.
“Rene re batla ho lebisa papadi thahong ya mekoko hobane rene re sa kgone ho thuba lebota la bona la morao.
“Ndlondlo o dumetse ha papadi e bile monate le ha balahlehetswe kgahlano le sehlopha seo a dutseng ho sona dihla tse tharo.
Batshehetse ba Pirates ba bontshitse lerato ho Ndlondlo le katlego Otladisa eo le yena e leng sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates.
“Ke ntho e ntle ho bona batshehetse bare ananela. Sena ke bopaki ba lepetjo la Pirates [Once a Pirates, Always a Pirates].”
BALA HAPE: Pirates e hlotse Gallants ho ikgapela bompudi ba Carling Knockout
