
Doctor Khumalo o babatsa moya wa ntwa dibapading tsa naha
Sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana Doctor Khumalo, o babaditse moya wa ntwa dibapading tsa naha ka mora tlholo e ngotseng nalaneng.
Afrika Boroa e hlotse South Korea ka 1 – 0 ho fetela mokgahlelong o latelang mohopeng wa lefatshe.
Khumalo, o hlalositse ha sehlopha sena se lokela ho theoletswa ka tshebetso ya bona le ha hobile thata.
“Re lokela ho theoletsa dibapadi ka ho etsa nalane. Ba lwanne ho fihlela motsotsong wa ho qetela le ha ho bile lerata kgahlano le bona,” ho realo Khumalo.
“Afrika Boroa e telletswe, lefatshe le nyatsitse dibapadi tsa rona ka hore ba tlatsitse palo.”
Khumalo o hlalositse ha e bile diketsahalo tse bohloko bakeng sa sehlopha le Afrika Boroa ka nako eo lefatshe le sa fang sehlopha monyetla.
“Ba buile hore dibapadi tse bapalang lapeng dihloka bokgobo ba tlhodisano ya mofuta ona empa ke batla ho utlwa hore batla bua bare eng.”
Le ha hole jwalo, sehlopha se nkile tseo tsohle le ho sebetsa ka thata ho hlola papadi ho fetela mokgahlelong o latelang.
BALA: Broos le masole a hae ba hlola South Korea ho fetela pele le ho ngola nalane
