
Moemedi wa Vilakazi le Shabalala o qhelela menyenyetsi ka thoko
Moemedi wa dibapadi tse pedi tsa Kaizer Chiefs tse fetoweng ke papadi ya Soweto Derby ka moqebelo, o hlalositse ha menyenyetsi ka ba buelwa ba hae e hloka motheo.
Mike Makaab ya emetseng Mfundo Vilakazi le Mduduzi Shabalala, o hlalositse ha dibapadi tsena, difetowe ke papadi ka tlasa mabaka a fapaneng.
Lenaneong la hae la “Step into Extra Time” ho Gagazi FM, Makaab o hlalositse ha bobedi bona bo bile le mabaka a fapaneng a e ntseng hore ba fetwe ke papadi.
“Ha hona nnete tabeng eo. Nka o jwetsa hore Mfundo Vilakazi o tswile kotsi e nyane. Ke bone lengolo la ngaka mme ke buile le yena mohale, hase kotsi e kalo,” ho realo Makaab.
“Lehlakoreng la Mduduzi Shabalala, re utlwile hore mokwetlisi Kaze o hlalositse ha e bile taba ya tshebediso ya mawa.”
Makaab o seolotse ka bohale ho jalwa jalwa ha lesedi le hlokang motheo la hore ba fetowe ke papadi ka lebaka la boitshwaro.
“Ke ditlaleho tse hlokang motheo mme diutlwisa bohloko hobane dinyatsa le ho utlwisa dibapadi bohloko haholo ka mora tahlehelo ya mafelo a beke.”
Tebello ke ho bona e bang dipapadi tsena e tlaba karolo ya sehlopha ha Chiefs e nkana le Richards kajeno thapama [03 Hlakubele] ka 19:30.
BALA HAPE: Tinkler: Re lwanela hoba dihlopheng tse tharo tse ka hodimo
