
Makhoye o babatsa dibapadi le ha bahlotswe
Sehlopha sa Orbit College se hlotswe ke Orlando Pirates ka ntlha e lengwe ho noto (1 – 0) papading ya bona ya bone ya Betway Premiership.
Ditlabotsha tsena tsa North West dibonahala di sokola ho iphumana ka mora ho nyollelwa boemong bo hodimo hotswa ho Motsepe Foundation ka mokgwa wa mantshano (Playoffs).
Orbit e se e bapetse dipapadi tse nne mme ba lahlehetswe ke tse tharo ba hapa papadi e lengwe.
Papading ya pele, Orbit e hlotswe ke Amazulu ka ntlha ho noto mme.Papading ya bobedi ba hlola Siwelele FC ka ntlha ho noto, ha papading ya boraro ba hlotswe ke Sekhukhune ka ntlha tse thato ho noto (3 – 0).
Kgahlano le Pirates, Orbit e qobeletswe ho fetola mawa kaha dibapadi tse jwalo ka Monnapule Saleng, Yanga Madiba le Thuso Moleleki bane ba sa lokela ho bapala. Sena ke ka tumellano ya dihlopha ha ne ba fapanyetsena ka dipapadi tsena.
Le ha hole jwalo, mokwetlisi wa Orbit Pogiso Makhoye, o theoleditse dibapadi tsa hae ka hore ba botshitshe moya wa ntwa kgahlano le Pirates.
“Hare ya bafa monyetla wa ho hlasela ka mahlakoreng le ho bapala ho tloha morao mme ke dumela ha bahlankana ba bapetse hantle.”
“Ho tswa kotsi ha Setlhodi ho setse moralo hobane ka mora hotswa ha hae ke ha re hlajwa ka ntlha. Ke dumela ha bahlankana ba bapetse hantle mme ke motlotlo ka bona.”
Ka moqebelo Orbit e tla nkana le TS Galaxy ka hora ya borobedi bosiu.
BALA HAPE: chiefs-e-tekena-maboe-ho-matlafatsa-sehlopha
