Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi Broos o thabetse tlholo e seng mmapalo

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha sa Bafana Bafana Hugo Broos, o hlalositse ha a sa kgotsofalla ka moo sehlopha se bapetseng ka teng kgahlano le naha ya Ghana.

Afrika Boroa e hlotse Ghana ka 1 – 0 papading ya go qetela ya setswalle pele ho mohope wa AFCON o tla qala mafelong a tlang a beke.

Ntlha ya Afrika Boroa, e kene karolong ya bobedi ka Sipho Mbule ya seng a habile ntlha le ho thusetsa dintlheng tse pedi dipapading tse pedi tsa setswalle.

Mbule o rahile sephunyaphunyane sa bolo ka mora hore a batle ntlha nako e lelele.

Broos, o hlalositse ha a thabetse hore ba hlotse empa ha a thabela ka moo ba bapetseng ka teng.

“Ke thabetse dipoelo (results) tsa hore re hapile papadi empa ke nahana re ka kgona ho bapala ho feta ka moo re bapetseng ka teng. Hara bapala papadi e ntle,” ho realo Broos.

Bobedi dihlopha dibapetse ka dibapadi tseo e seng tsa bona tsa mehla le ha Afrika Boroa e ne e kentse tse mmalwa tse qalang le papadi le ho dikenya ka mora kgefutso.

Broos ya bapetseng papadi ya hae ya 50 e le mokwetlisi wa Afrika Boroa, o hlalositse ha ba bapetse ka monyebe papisong le ka moo ba tsejwang ka teng.

“Hara bapala papadi e ntle. Hone ho sena motsamao o mongata jwalo ka tlwaelo, le dineletsano dine disa kgahlisi. Rena le mosebetsi o mongata oo wa ho lokisa seo pele ho beke e tlang.”

Letswallwa lena la Belgium, ke yena mokwetlisi ya kwetlisitseng Bafana Bafana nako e lelele ka ho fitisisa nalaneng ya sehlopha mme a hapa dipapadi tse 24, a bapala maleka ho tse 19, le ho hlolwa ho tse 6.

Afrika Boroa, e tla thulana le Angola papading ya bona ya pele ya AFCON kala 22 Tshitwe ka hora ya bosupa (19:00) ka nako ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: Makola o lemosa dibapadi ka ho bapala lepoqong kgefutsong ya sehla