Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Makola o lemosa dibapadi ka ho bapala lepoqong kgefutsong ya sehla

Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates Mpho Makola, o buile kgahlano le dibapadi tse bapalang boemong bo hodimo (professional) tse bapalang lepoqong ka nako ena ya selemo.

Puisanong le KickOff, Makole o hlalositse ha a kile a etsa seo ka nako eo a ntse a qala ho bapala boemong bo phahameng.

“Ke hopola ha le qeta ho tekena le Free State Stars, kene kena le ho bapala lepoqong ka Tshitwe kapa kgefutsong ya sehla ho dula ke kwenne,” ho realo Makola.

“Matsatsing ana dibapadi difetotse moelelo wa sena, dibapadi tsena dina le tjhelete, dikgona ho fihla dipapading tseo ka difofane (chopper).”

Makola o lemositse ka dikotsi tse ka hlahelang dibapadi ka nako eo ntseng dibapala ha sehla se kgefuditse.

Dibapadi dilokela hoba sedi, ke bone dibapadi ditswa dikotsi tse tshosang dipapading tsena. Tse ding tsa dibapadi tsa boemo bo tlase (amateur) dika batla ho botsha le ho lematsa ka ho bapala hampe.

“Is’cathulo sika madam” o eleditse hore dibapadi dibale ditumelano pele ba nka qeto ya ho bapala boemong bona pele ba iphumana bale mathateng.

“Ha ke fihla ho Pirates, ho ne hona le dibapadi tse neng di ikutswa le ho bapala lekunutu.

“Ke hopola Bra Stan (Stan Tshabalala) a njwetsa sefahla mahlo hore wa tseba hore ke rata ho bapala lepoqong. Ke ntho e ntle bakeng sa boithabiso empa e ditlamorao tse bosula.”

Le ha dipapadi tse ding ntse ditswela pele, boholo ba dibapadi bo phomotse mme tse ding tsa tsona diqeta nako mabaleng ana a dipapadi moo ba bang ba qetellang ba robile molao le ho bapala.

BALA HAPE: Paul Mitchell o hlalositse bokamoso ba De Reuck ho Simba