Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Ngaka ya SAFA e hlalosa boemo ba kotsi ya Modiba le Morema

Hlooho ya dingaka mokgatlong o tsamaisang bolo ka hara wa SAFA [Chief of Medical Officer] Thulani Ngwenya, o hlalositse ha boemo ba kotsi ya Thapelo Morena e bile lebaka la ho sala ha sebapadi.

Sebapadi sena sa Mamelodi Sundown, e ke ke yaba karolo ya sehlopha setla leba mohopeng wa lefatshe ka ha kotsi ya hae e tlabe e sa dumele hore a bapale matsatsing a mmalwa a tlang.

Ha a hlalosa maemo ana puisanong ya hae le Velile Mnyandu wa SABC Sport, Ngaka Ngwenya o hlalositse ha boemo bona e bile bo thata ka ho fitisisa moo ba ileng ba qobelleha ho nka qeto e matla mme o bapisitse boemo ba Morena le Aubrey Modiba eo le yena a tswileng kotsi.

BALA: Broos o hlalosa lebaka la qeto ya ho tlodisa Petersen mahlo sehlopheng

E bile phepetso e kgolo nalaneng ya bongaka baka dipapading jwalo ka ha rena le Modiba ya huleileng mosifa papading tsa CAF empa sehlopha se lekile ka thata mme ke karolo ya sehlopha le ha mosebetsi o sale moholo ho etsa bonnete ba hore o malala-a-laotswe,” ho realo Ngaka Ngwenya.

Ya bobedi e bile ya Thapelo, re lekile tsohle ho bona hore o tla kgona hoba karolo ya sehlopha empa ka bomadimabe ha kgona hoba maemong a ka dumelang hore a bapale.

Le ha kotsi ya hae e so fole hantle, Modiba o bitseditswe sehlopheng ka tshepo ya hore o tlabe a fodile ka nako eo sehlopha se bapalang papadi e bulang mohope wa lefatshe kgahlano le baamohedi ba baeti kala 11 Phupjane.

BALA: Stellenbosch se arohana le dibapadi tse 13 kaofela