
Arrows e nyopisa merero ya Sundowns leotong la pele
Sehlopha sa Golden Arrows se hlotse sa Mamelodi Sundowns leotong la pele la papadi e tlang pele ho makgaolakgang a MTN8 (Semi-final).
Arrows, e hlotse Sundowns ka 1 – 0 papading e bapalletseng lebaleng la Lucas Moripe motsheare wa mantsiba ka sontaha.
Ntlha ya Arrows e kene karolong ya pele ya papadi ka Junior Dion eo e bileng yena mohlabadintlha wa sehla se fitileng sa dipapadi.
BALA: FIFA e fana ka kotlo dibapading tsa Argentina le Spain
Dihlopha tsena ka bobedi ditla thulana leotong la bobedi mafelo a tlang a beke moo Sundowns e tlabe e etetse Arrows lapeng.
Sundowns e tlaba tlasa kgatello ya ho hlaba dintlha tse leshongwana ho hlola papadi jwalo ka ha Arrows e le monyetleng ka mora ho hlaba ntlha hole le lapeng.
Papading ena [second leg] e tla bapala ka sontaha sa 30 Phato lebaleng la King Zwelithini mme papadi e tla thakgoha ka 15:00 motsheare wa mantsibuya.
