
Orlando Pirates e tekena sebapadi sa matjhabatjhaba sa Norway
Sehlopha sa Orlando Pirates se tsibisitse ha se tekenne mohlabadintlha wa matjhabatjhaba wa naha ya Norway Sebastian Pedersen.
Pedersen ke sebapadi se tswang sehlopheng sa Sogndal Fotball e bapalang hona naheng ya Norway mme ke sebapadi moo sa mehleng le mohlabadintlhawa Manchester City ya England.
Sebapadi sena se dilemo di 27, o kene selekaneng sa dilemo tse tse pedi le the Buccaneers ka monyetla wa ho eketsa e bang sehlopha se kgotsofetse ke ditshebeletso tsa hae.
BALA: Da Cruz ka Cele: Hase karolo ya merero ya ka
Dipapading tse 117 tseo a seng a dibapetse, o hlabile dintlha tse 57 dihlopheng tsohle tseo a seng a fitileng ho tsona.
Ho fihla ha sebapadi sena ho bontsha maikemisetso a Pirates a ho lwana kgakgaulane molamo wa hlooho ho tshireletsa sehla le ho hapa mehope yohle eo sehlopha se tla e tseka le dihlopha tse ding.
BALA: Court of Arbitration e fana ka letsatsi la kahlolo nyeweng ya Morocco le Senegal
