Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sehlopha se qala ka boikwetliso ntle le ditho tse ding

Ka mora hoba le mathata a ho kena leetong jwalo ka ho rerilwe, sehlopha sa naha sa Bafana Bafana se qadile ka boikwetliso ba bona ba pele naheng ya Mexico.

Sehlopha se bile le mathata a ho tswa ka hara naha ka lebaka la dipampiri (visas) bakeng sa boholo ba dibapadi empa sehlopha se ile sa kena sefofaneng letsatsi le latelang.

Sehlopha se fihlile Mexico ka labobedi le ha se tsamaile ntle le ditho tse ding tsa sehlopha ho kenyeletsa motlatsa mokwetlisi Helman Mokhelele.

Broos le dibapadi, ba qadile ka bokwetlisi ba pele motsemoholo Pachuca moo batla bapala papadi ya pele kgahlano le naha e amohelang baeti ka kopanelo ya Mexico.

BALA: Pirates e nka qeto ya ho arohana le Mbule

Sehlopha setla kena tekong e matla ya ho tlameha ho itshupa ka pela diketekete tsa batshehetsi ba Mexico papading ya pulamadiboho.

Le ha hole jwalo, sehlopha setla bapala papadi ya setswalle ho ikalla matla kgahlano le naha ya Jamaica.

Papadi ena e tla bapala kala 5 Phupjane mme e tla thakgoha ka hora ya pele [13:00] ka nako ya kwano Afrika Boroa.

BALA: Tshabalala o eletsa Lyle Foster ya tlasa kgatello