Ditaba tsa moraoraoKrikete

Afrika Boroa e feta ha bobebe ho West Indies papading ya pele

Sehlopha sa naha sa Di’Proteas, se iphetetse mohwalotso papading ya pele ya boitukisetso ba mohope wa lefatshe.

Di’Proteas, diamohetse naha ya West Indies kwano lapeng Afrika Boroa bakeng sa papadi tse tharo pele batla leba naheng ya India le Sri Lanka dipapading tsa mohope wa lefatshe.

Afrika Boroa, e hapile lotho mme ya kgetha ho akgela pele ho kenya West Indies tlasa kgatello le ho sebedisa monyatla wa ho otla tlasa tshebediso ya mabone.

Mosole a mokwetlisi Shukri Conrad, a hapile papadi ka wicket tse 9 kaofela ka mora ho qobella baetse memathong e 173 ovareng (over) tse 20 ho tswile dibapadi tse 7 (173/7).

Corbin Bosch le Keshav Maharaj, ba ketotse dibapadi tse pedi sebapadi ka seng mme George Linde, a ketola dibapadi tse tharo a le mong ho hlokisa baeti botsitso.

Makenong a bona, Afrika Boroa e entse mematho e 176 ho tswile sebapadi sele seng Lhuan-dre Pretorius (44) eo le yena a sebeditseng ka bokgabane pele a ketolwa.

Mokaptene Aiden Markram (86*) le Ryan Rickelton (40*) ba e hlanakile senna ka setswalle sa bona sa mematho e 93 ho thusa Afrika Boroa ho hapa papadi ha bobebe.

Di’Proteas ditla etella letoto la dipapatso tse tharo pele ka 1- 0 pele ho papadi ya bobedi e tla bapala ka labone la 29 Pherekgong ka 17:30 ka nako ya Afrika Boroa.

BALA HAPE: Di’Proteas ditla qala dipapadi tsa boitukiso pele ho mohope wa lefatshe