Bolo ya maoto

Sebapadi sa Sundowns se hana ho tekena tumellano e ntjha

Sebapadi sa Mamelodi Sundowns seo bokamoso ba sona bo kganyang, se hanne ho tekena tumellano e ntjha le sehlopha.

Lekejakejane lena le dilemo di 19 le setse ka selemo le halofo (18 months) tumellano ya hae ya sethathong le sehlopha mme ha ana maikemisetso a ho tswelapele le Sundowns.

Pejana ho ile hwa utlwahala ha Sundowns e hanetse sehlopha sa mose ho mawatle ka sebapadi sena le ha sehlopha seo se ile sa beha tjhelete e kalo la R30-million tafoleng ya dipuisano.

Le ha hole jwalo, Sundowns e tswelapele ho se bapadisi sebapadi kgafetsa kgafetsa le ha ba ile ba ema ditseleng tsa hae tsa ho leba mose.

Letlhaku e bile karolo ya sehlopha sa Sundowns se ileng mohope wa lefatshe wa dihlopha (club world cup) mme ka mora moo, yaba karolo ya sehlopha sa naha sa bahlankana ba dilemo tse ka tlase ho U20.

Tebello ke ho bona hore sehlopha setla sebetsa ena taba jwang ho ya pele ka ha Letlhaku ha a ka tsamaya a sa kena tumellanong le sehlopha, Sundowns e ke ke ya una molemo le ha e le sebapa sa bona sa ntshetso pele.

Sundowns, e ne e fa sebapadi sena tumellano ya dilemo tse hlano ka hodima nako eo sebapadi se setseng ka yona.

BALA HAPE: Sundowns e hlaba dintlha ho fokotsa kgatello ho mokwetlisi