Ditaba tsa moraoraoKrikete

Quinton De Kock o sokola morethetho

Sebapadi sa Afrika Boroa sa matjhabatjha Quinton De Kock, se sokola morethetho ka mora ho fetohela qeto ya hae ya ho beha mejafashe papading tsa mofuta o mokgutshwane.

De Kock o kgutletse sehlopheng sa naha sa di’Proteas hoba karolo ya sehlopha sa T20 le ODI mme dipapadi tsa pele e bile leeto nahaneng ya Pakistan.

Ho kgutleng ha hae, De Kock o se a bapetse dipapadi tse nne tsa T20 moo a hlotsweng ke ho etsa mematho e fetang 25 papading ka nngwe.

Papading ya pele sebapadi sena se bapetse le naha ya Namibia moo a entse momatho o le mong mme AfrikaBoroae ile ya lahlehelwa ke papadi eo.

Papadi ya bobedi e bile kgahlano le Pakistan mme o etse mematho e 23 mme hwa latela e supa le moo a tswileng ka letata (0 runs/duck).

Ka kakaretso sebapadi sena se entse mematho e 31 ka makeno a mane (4 innings) e leng se neng se sa lebelwa ho yena jwalo ka sepabadi se tsejwang ka ho etsa mematho ka e mengata ka sekgahla (brutal batter).

Tebello ke ho bona e bang sebapadi sena sa selo ka 2017 setla kena dipapading tse tla qala le papadi ha sehlopha se bapala dipapadi tse tharo tsa ODI.

Dipapadi tsena ditla qala ka la 04 Pudungwane kgahlano le yona naha ya Pakistan mme papadi ya ho qetela e be ka la 08 hona kgweding e hodimo.

BALA HAPE: Quinton De Kock o kgutlela dipapading tsa matjhabatjhaba