
AS Monaco le Bayer Leverkusen dibontsha kgahleho e kgolo ho Mofokeng
Dihlopha tse pedi tse kgolo dinaheng tsa Germany le France, dibontshitse kgahleho e kgolo sebapading sa Afrika Boroa.
Ho ya ka lehlokwana la tsela, Bayer Leverkusen le AS Monaco dimatha pele lebelong la dihlopha tse beileng Mofokeng leihlo mohopeng wa lefatshe.
Monaco, ke se seng sa dihlopha tseo e leng kgale dibatla Mofokeng empa ba hlolwa ke ho fihlella tumellano le Pirates.
Leverkusen e tla romela kemedi papading ya Bafana Bafana le Canada, le bona ba kene lebelong la ho lekola Mofokeng e bang ke sebapadi seo baka se tekenang.
Mofokeng e tlaba karolo ya sehlopha setla bapala le naha ya Canada papading ya ho tseka ho fetela ho tse 16 tsa ho qetela.
Papadi ena e tla bapala ka sontaha sa 28 Phupjane ka 21:00 ka nako ya Afrika Borwa.
