Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Hunt o bua ka ho tsamaya ha dibapadi tsa bohlokwa sehlopheng

Mokwetlisi wa Stellenbosch FC Gavin Hunt, o buile ka ho tsamaya ha dibapadi tsa bohlokwa sehlopheng.

Hunt o buile sena ka nako eo a neng a le sebokeng sa ho kgakolwa ha sehla se setjha sa dipapadi pele ho dipapadi tse bulang sehla mafelo a beke.

Mokwetlisi e nwa wa mehleng wa SuperSport le Bidvest Wits, o bontshitse ha dibapadi ditsamaya ka potlako sehlopheng sa hae.

“Ha ke bua le lona tjena, mohala wa ka o ntse o lla, sebapadi se qeta ho leba ho Orlando Pirates,” ho realo Hunt.

Hunt o buile ka ho tsamaya ha Thapelo Mokobodi sehlopheng hoo a ho hlslositseng e le ntho e etsahetseng ka potlako.

“O [Mokobodi] o qetile dibeke tse tsheletseng le rona mme hana jwale o tsamaile, matsatsi a mabedi pele ho papadi.”

Hunt o boetse a bontsha ha kgonahalo e le kgolo hore sehlopha se arohane le dibapadi tse ding tsa bohlokwa jwalo ka ha lehlokwana la tsela le lepa ha Langelihle Phili a le maoto a oka ditlhabela ho leba Naturena.

Tebello ke ho bona e bang Phili o tla fela a lebe ho Kaizer Chiefs le ha ntatae a bontshitse a batla hore mora hae a lebe mose ho mawatle ka kotloloho.

BALA: Mokwetlisi wa Sundowns o leboha PSL le Gallants ka kutlwisiso