
Batshehetsi ba dihlopha ba kopa VAR ka potlako
Batshehetsi ba papadi ya bolo Afrika Borwa ba qadile go bua ka VAR ka mora hore sehla sa dipapadi se thakgohe mafelong a fitileng a beke.
PSL e thakgohile ka moqebelo moo ho bapetseng dipapadi tse hlano ha ka sontaha ho bapetse tse pedi.
Papadi e bapetseng ka sontaha ya Richards Bay le Polokwane City ke yona e bakile lerata la kopo ya VAR.
Sena ka mora hore hobe le qeto moo moletsaphala a supileng bolo moloreng empa a fetoha ka mora ho buisana le mothusi wa hae.
Papading ya Siwelele le TS Galaxy teng moletsaphala o tsielehile moo a neng a batla ho fana ka karete e kgubedu empa mothusi wa hae a moeletsa ka hore ke karete e tshehla.
Diqeto tsena ditlisitse tsitsipano jwalo ka ha sehla e le hona se qalang ka diphoso le diqeto tse hlokang tlhakisetso.
PSL le SAFA ditsibisitse ha tshebetso ya VAR e ke ke ya kena hang hang ho latela mabaka a fapaneng le ha letona la dipapadi le ntshitse tjhelete.
BALA: Sebapadi sa Chiefs se lebisa tlotla morao moo se tswang
