Bolo ya maoto

Orlando Pirates e phatlalatsa balekane ba batjha

Leqhepe le letjha le butswe papading ya bolo Africa Boroa kajeno ha sehlopha sa Orlando Pirates se ne se phatlalatsa ba tshehetse ba bona ba ditjhelete ba dino, Amstel Lager. Dinatla tse pedi tsena di kene selekaneng se itshetlehileng lefeng, botshepehing le ho boleng.

Selekane sena hase taba ya tjhelete fela empa empa ke ho kopanya sehlopha le setjhaba. Kopano ena ke tshepiso ya diketsahalo ho batshehetse. Ditsehalo tse ke keng tsa lebalwa le ka mohla, ho tloha lebaleng ho fihla hole.

Ho tloha metsotsong ya letsatsi la papadi ho fihla ho tse etsahalang kantle ho lebala, selekane sena se tla setola papadi hoba seo batho ba tla ikotla sefuba le hoba motlotlo ka sona. Setho sa tsamaiso sa Heineken, Andrea Quaye o wa aletse “Orlando Pirates ha se sehlopha fela, ke sehlopha se nang le boleng. Jwalo ka Amstel re dumela ho metsotswana e boleng le setswalle sa nnete. Sena ke selekane setlo bopa kopano ho sehlopha le batho”.

Sebapadi sa mehleng sa Orlando Pirates Happy Jele o ntsitse maikutlo mme o dibeile tjena; “Pirates ha e sale e etsa dintho ka tsela tse nepahetseng ka ho itlhopha, bokgeleke le tjhebelo pele. Selekane se itshetlehile dumelong ya boleng le kopanong ya setjhaba”. Ho bokamoso bo botjha papading ya bolo le setswalle ho tsamaisana moo, tsena di tliswa ke tjhebelo pele le tumelo.

Translator: Kabelo Lehasa