Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Mokwetlisi wa Chiefs o kgotsofatswa ke mmapalo wa dibapadi tsa hae

Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Fernando Da Cruz, o bontshitse ho kgotsofala ka tsela eo dibapadi tsa hae dibapetseng ka yona.

Chiefs e hlotse Kruger United ka 3 – 1 papading ya bona ya pele ya sehla tlasa botsamaisi ba bakwetlisi ba batjha.

Da Cruz, o sebedisitse dibapadi tseo sehleng se fitileng dineng disa fumane monyetla wa ho bapala mme tsa ipabola ka makgabane ka ho fapana.

“Ke batla ho leboha dibapadi ka dintlha tse tharo hobane ke bona ba bapetseng papadi eo,” ho realo Da Cruz a akola dibapadi tsa hae.

“Re laotse papadi metsotso e 30 mme metsotso e 15 ra potlaka moo re hlajoweng ntlha ke badireng.”

“Karolong ya bobedi re qadile fatshe ka sekgahla le ho laola papadi ka tsela e tshwanang.”

Da Cruz o akgotse dibapadi tsa hae le ho hlalosa ha a thabetse tsela eo sehlopha se bapetseng ka yona.

“Ke thabile ka tsela eo dibapadi diamohelang ditaelo ka yona mme re lokela ho tshwarella morethethong oo. Re lokela ho sebetsa hantle le ho sebetsa ka thata ho feta.”

BALA: Sebapadi sa Chiefs se lebisa tlotla morao moo se tswang