Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Broos o hlalositse diqeto tsa hae ha a kgetha sehlopha

Nakong eo a neng a tsibisa sehlopha sa dibapadi tse 25, mokwetlisi wa Bafana Bafana Hugo Broos, o hlalositse tse ding tsa diqeto tseo a dinkileng ha a kgetha sehlopha.

Broos o tsibisa dibapadi tse 25 tseo a tla leba le tsona Morroco dipapading tsa AFCON, a ba a tsibisa tse tharo tse tla sala lapeng e bang ba ka hlahelwa ke dikotsi Morocco.

Mokwetlisi enwa wa dutsing ka ho fitisisa jwalo ka mokwetlisi wa Bafana Bafana, o hlalositse tse ding tsa diqeto tsa hae moo a bitsitseng dibapadi tse itseng le ho tlohela tse itseng.

Broos o hlalositse qeto ya ho tlohela Thapelo Morena le Themba Zwane ka hore bane ba qeta ho kgutla ka mora ho oka dikotsi mme o dumela base seemong se seo ba tsejwang ka sona.

“Themba o qeta ho kgutla mme ha a so bapale ho tlala seatla, Thapelo yena o ne a le kantle ka kotsi le ha seabo sa hae sele seholo ka lehlakoreng le letona empa ke dumela ha Mutuludi a ka kwala sekgeo seo,” ho realo Broos.

Broos o buile le ka qeto ya ho bitsa Mofokeng eo a bonahalang e le hona a ntse a tsoha molota ka mora ho nyehlisa papading ya hae.

“Ke morata jwalo ka sebapadi, ke sebapadi tse nang le neo. O bile le mathata dibekeng tse fitileng ka kotsi.”

“Jwale ke thabile hore wa bapala hape mme ha keya ba le qeaqeo ya ho mokenya sehlopheng.”

Broos ya Belgium ha jwale, o tla leba Washington bakeng sa lotho ya mohope wa lefatshe ka la 05 Tshitwe, pele a kgutlela Afrika Boroa moo a tla qala boitukisetso ba dipapadi tsa AFCON.

BALA HAPE: Broos o tsibisa masole a tla emela naha mohopeng wa AFCON