
Cristiano Ronaldo o phethela mohope wa lefatshe ka dikgapha
Sebapadi sa matjhabatjhaba sa Portugal Cristiano Ronaldo, o bapetse papadi ya hae ya ho qetela mohopeng wa lefatshe.
Sena ka mora hore Portugal e hlolwe ke Spain papadi ya tse 16 tsa ho qetela bosiu ba mantaha ka nako ya Afrika Borwa.
Spain se hlotse Portugal ka 1 – 0 papading e bileng bodutu dipakeng tsa baahisane bana ba Europe.
Ntlha ya Spain e kene metsotsong e ekeditsweng ya moletsaphala ka sebapadi se keneng se hlaha bankeng.
Ronaldo, o tsibisitse ha mohope ona wa lefatshe e tlaba wa hae wa ho qetela mme maikemisetso a hae, e bile ho o hapa pele a beya meja fatshe.
Sebapadi sena se dilemo tse 41, o hapile mehope yohle eo a bapetseng ho yona ka dihlophe tse fapaneng ho kenyeletsa sehlopha sa naha mme mohope oo a so o hape ke wa lefatshe fela.
Ronaldo o bapetse mehopeng e tsheletseng e fapaneng ya lefatshe mme ke sebapadi sa bobedi nalaneng ho etsa seo e bile e le yena wa pele ho hlaba dintlha mehope e tsheletseng kaofela
BALA: Belgium e hlola USA e sebedisitse Balogun ya ditabeng ka manganga
