
Ashley Makhanya: Re leba moo ntle le letswalo
Mokwetlisi wa Gomora United FC Ashley Makhanya, o hlalositse ha batla isa ntwa ho Mamelodi Sundowns papadi ya Nedbank Cup.
Gomora, e tla etela Sundowns lebaleng la Loftus Versfeld ho leka ho fetela mokgahlelong o latelang wa dibapadi.
Makhanya, o hlalositse ha ba tseba Sundowns le hore e bapala jwang mme seo se kase fetole letho.
“Re leba moo ntle le letswalo. Ba hloba bohle, re bo mang ho botsa hore hee…..?. Retla re sena letswalo mme relo lwana ka tsohle tsa rona,” ho realo Makhanya.
“Re tseba bokgoni ba bona mme ba ntse ba sebetsa jwalo dilemo kaofela. Rena le meralo. Se etsahalang setla etsahala empa reya moo ntle le letswalo.”
Makhanya o botse a hlalosa ha papadi ena e tlaba monyetla o motle bakeng sa dibapadi ho bapala le sehlopha se boemong ba Sundowns.
“E tlaba boiphihlelo bo botle. Lehlakoreng la dibapadi haholo tse nyane tse so bapale le dibapadi tsa boemo bo hodimo.”
“Retla bafa monyetla wa ho itshupa le ho bontsha bokgoni ba bona. E bang re lahlehelwa retla lahlehelwa empa ha fela resa lahlehelwe ke rona.”
Gomora, e tla thulana le Sundowns ka 19:00 bosiung ba kajeno [04 Hlakola] lebaleng la Loftus Versfeld.
BALA HAPE: Miguel Cardoso: Ke mohope o fapaneng ka tebello e tshwanang
