
Chiefs e fa sebapadi monyetla o mong hape
Sehlopha se qetang ho arohana le bakwetlisi sa Kaizer Chiefs, se kene ditumellano le sebapadi sa bona sa morao.
Chiefs e fihleletse ditumellano le Zitha Kwinika ya bapetseng karolo e kgolo ho thusa sehlopha ho qeta se dutse boemong ba boraro.
Kwinika eo e leng sebapadi sa ntshetso pele ya Chiefs, o kgutletse sehlopheng ka mora ho hahlaula dihlopha ho PSL mme a kgutlela Naturena le ho bapala karolo ya bohlokwa sehlopheng.
Sebapadi sena se ekeditswe ka sehla hoba karolo ya sehlopha mme tebello ke ho bona hore mokwetlisi ya tla latela ho Chiefs o tla sebedisa sebapadi sena se dilemo di 32.
