Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Sundowns e fihlella ditumellano le Copenhagen ka thekiso ya sebapadi

Sehlopha sa Mamelodi Sundowns se fihleletse ditumellano le sehlopha sa FC Copenhagen ka thekiso ya sebapadi sa lepheong.

Ho ya ka IDiski Times, Sundowns e fihletse ditumellano [club to club agreement] le sehlopha sa Copenhagen ka thekiso ya Thapelo Maseko.

Sebapadi sena e bile karolo ya Afrika Borwa mohopeng wa lefatshe oo ka mora ona Sundowns e molatileng moo e meng e kadimana ka yena teng.

Le ha hole jwalo, sehlopha le sebapadi ba hlotswe ke ho fihlella tumellano mme sehlopha sa fa sebapadi monyetla wa ho ipatlela makgulo a matala.

BALA: Gallants e bapala ka menyetla ya ho fumana dintlha tse tharo

Ho ya ka lehlokwana la tshela, sehlopha sa mehleng sa Sibusiso Zuma [Copenhagen] e beile tjhelete e kalo ka R28 million tafoleng ya dipuisano ho iphumana sebapadi sena.

Le ha ho utlwahale dihlopha didumellane ka thekiso, tumellano dipakeng tsa sehlopha le sebapadi ke hona e tla phethelwa.

Maseko, ke karolo ya Sundowns le ha a sa ikwetlisi le sehlopha jwalo ka ha e se karolo ya merero ya mokwetlisi Miguel Cardoso.

BALA: Polokwane City le Stellenbosch di etsa mokete wa dintlha