Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Chiefs e phonyoha metsotsong ya ho qetela le ho bapala maleka

Sehlopha sa Kaizer Chiefs, se bapetse maleka papading ya bona ya bobedi ya CAF Confederations Cup le sehlopha sa Zamalek ka 1 – 1 papading e bapaletseng lebaleng la New Peter Mokaba, Polokwane.

Chiefs, e kene papading ena e le tlasa kgatello ka mora hore ba hlolwe papading ya pele ha bane baetetse Al Masry eo le yona e leng ya Egypt beke e fitileng ka 2 – 1.

Zamalek, e fumane ntlha ya bona metsotsong e 3 ya papadi ka mora phoso e entsweng ke dibapadi tsa Chiefs tsa morao. Ntlha ya Zamalek e hlajowe Seifeddine Jaziri ho fa baeti ketapele.

Chiefs e ile ya qobelleha ho etsa diphetoho tse pedi metsotso e 20 papadi e qadile ka mora hore Bradley Gross le Gaston Sirino batswe ka lebaleng ka dikotsi.

Ka mora diphetoho tsa bona le ho kenya Paseka Mako le Mfundo Vilakazi, Chiefs e bonahetse e bapala le ho kgona ho hlasela le ha lebota la Zamalek le ne le sa batle ho utlwa letho.

Papadi e lebile le ho kgutla kgefutsong Zamalek e ntse e matha pele ka ntlha mme karolong ya bobedi, Chiefs e bonahetse e laola papadi le ha ba sa sebedisa menyetla e bileng teng.

Zamalek, le yona e fumane menyetla e mmalwa karolong ya bobedi ya papadi ka mora ho atleha ho phehla lebota la morao la Chiefs empa sethibathibane Brandon Peterson a e hlanaka senna.

Chiefs, e fumane ntlha ya ho lekanya metsotsong ya ho qetela ya papadi ka Dilion Solomons le ho hanela Zamalek ho tsamaya ka dintlha tse tharo.

‘Amakhosi’ batla tswa ba dutse boemong ba boraro ka ntlha e le nngwe ka mora dipapadi tse pedi mme batla kgutlela dipapading tsa kontinente selemo setlang ka mora dipapadi tsa AFCON.

BALA HAPE: Motaung Jr o babatsa mesebetsi ya Hugo Broos