
Di’Proteas di hapa papadi ya pele ya T20
Sehlopha sa naha sa di’Proteas, se hapile papadi ya pele letotong la papadi tse tharo tsa T20. Di’Proteas, dihlotse England ka mematho e 14 ka mora ho bapala papadi e fokoditsweng ka lebaka la pula (DLS method).
Di’Proteas dibapetse diovera tse 7.5 mme ba etsa mokolokotwane wa mematho e 97, e leng lebota le letle haholo papadi e qadile ka mora nako.
English e hapile lotho mme ya kgetha ho akgela pele ha Afrika Boroa e qala e otla.
Mokaptene Aiden Makram (28), Dewald Brevis (23), Donavan Ferreira (25) le Tristan Stubbs (13), ba thusetsa Afrika ho etsa mematho e hlokahalang le ho kenya England tlasa kgatello ka bolo ka letsohong.
Makenong a yona, England e lekile ho lelekisa mematho ya Afrika Boroa empa Corbin Bosch le Marco Jansen, bane ba mome o ka fatshe le ho ketola dibapadi tse pedi sebapadi ka seng.
English, e felletse ho 54 ka mora overa tse hlano (5.0) ho tswile dibapadi tse hlano.
Tlholo ena e fa Di’Proteas ketapele ya (1 – 0) letotong la dipapadi tse tharo. Donavan Ferreira, e bile yena sebapadi sa letsatsi ka mora ho etsa mematho e 25 ka dibolo tse 11.
Afrika Boroa e kene papading ena ka diphetoho tsa ka pelenyana ka mora hore mokaubere David Miller le Lungisani Ngidi ba hulwe metsotsong ya ho qetela sehlopheng se qalang ka lebaka la dikotsi.
Papadi ya bobedi ya tse tharo, e tla bapala hosane ka labohlano lebaleng la Old Trafford ka 19:30 ka nako ya kwano Afrika Boroa.
BALA HAPE: temba-bavuma-o-makalla-tsepamiso-ya-maikutlo
