
Connor Esterhuizen o tshidisa Afrika Boroa noka o tletse
Sebapadi sa Afrika Boroa se otlang e bile e le sethibathibane (batter and wicket-keeper) Connor Esterhuizen, se bapetse karolo e kgolo ho thusa Di’Proteas ho hapa letoto la T20 kgahlano le New Zealand.
Di’Proteas dihapile letoto la T20 ka 3 – 2 ka mora ho hlola papadi ya ho qetela ka mematho e 33 papading e bapalletseng Christchurch.
Esterhuizen, o entse mematho e 77 dibolong tse 33, e le ha thusa sehlopha ho aha mokolokotwane wa mematho e 187 ho tswile dibapadi tse 4 (187/4).
Dipapading tse hlano tseo Esterhuizen a dibapetseng letotong lena, o kgonne ho bokeletsa mematho e 202 le ho etsa ‘half century’ tse pedi (57 & 77) mme papading e nngwe ke moo a neng a haelwa ke mematho e 5 ho etsa 50.

Hona papading ya ho qetela, Rubin Hermann (39) le Wiaan Mulder (31) le bona ba bapetse karolo e kgolo ka molangwana ho aha sebolo se sebeleditseng Afrika Boroa ka bokgabale.
Makeno a bobedi Afrika Boroa e lahletse tsohle e le ha e thibela New Zealand ho lelekisa mokolokotwane wa bona.
Mokaptene Keshav Maharaj (1), Gerald Coetzee (2), Otneil Baartman (2) le Mulder (2), ba ikabile ka dibapadi tsa New Zealand le ho bathibela ba dutse ho 158 ho tswile dibapadi tse 8 (158/8).

Tlholo ena ke ya pele ya Afrika Boroa ho tloha 2022 mofuteng ona wa papadi (T20) ba etile mme etla ka mora mohope wa lefatshe moo Afrika Boroa e hlotsweng ke yona New Zealand papading e tlang pele ho makgaolang (semi-final).
Esterhuizen o hapile kgau ya sebapadi sa letsatsi makgetlo a mabedi ho kenyeletsa papadi ya ho qetela moo a etseng 77 mme e bile yena sebapadi sa letoto (players of the series).
BALA HAPE: Di’Proteas dihapa le ho lahlehlwa papading ya bobedi
