
Khune o fana ka keletso ho Williams ya boitshepo bo senyekgenyekge
Sethibathibane sa mehleng sa Bafana Bafana Itumeleng Khune, o eleditse mohlahlami wa hae Ronwen Williams.
Khune o bontshitse ha hoba le boitshepo haholo ha Williams ho ka moetsisa diphoso ka nako tse ding.
“E bile papadi e sa tlwaelehang ba keng sa Ronwen,” ho realo Khune ho SABC 2.
“Le karolo ya bobedi kene ke tshwenyehile [worried]. Ke nahana hore ka nako e nngwe o ba le boitshepo boka mo etsisang diphoso.”
Afrika Borwa e se e bapetse dipapadi tse 500 boemong ba matjhabatjhaba mme Williams ke se seng sa dibapadi tse bapetseng dipapadi tse ngata mebaleng ya Bafana Bafana.
Khune, o hlalositse ha Williams a lokela ho fokotsa ho iketla hobane tlhodisano e teng moo Sipho Chaine a emetseng monyetla.
“O lokela ho lokisa diphoso tsa hae le ho tlohela ho bapala ka monyetla hobane Sipho Chaine o teng bakeng sa monyetla oo.”
Bafana Bafana batla bapala papadi ya setswalle kgahlano le Egypt ka sontaha pele ba menahana le mehlala ho kgutlela lapeng.
BALA: Temalo ya dibapadi tsa Sundowns sehlopheng sa naha ke tlhoba boroko
