
Orbit e fetola lebala bakeng sa papadi kgahlano le Chiefs
Sehlopha se mathateng a ho rengwa ke selepe sa Orbit College, se fetotse lebale leo batla amohelang Kaizer Chiefs ho lona.
Orbit e bapallang dipapadi tsa bona lebaleng la Olympia toropong ya Rustenburg, e nkile qeto ya ho lebisa papadi kgahlano le Chiefs profenseng ya Eastern Cape ka mora hore morero wa ho lebisa papadi lebaleng la Royal Bafokeng o nyope.
Orbit, e bile le mathata a lebala ka mora ho nyolohela ho Betway Premiership mme ya bapallang dipapadi tsa bona tse qalang sehla lebaleng la Dobsnville ho fihlela lebala la Olympia Park leba maemong a hantle.
Le ha hole jwalo, sehlopha se tswetse pele hoba le mathata a jwalo ka mabone le disebediswa tse ding lebaleng e leng se susumeditseng diqeto tsa ho lebisa dipapadi mabaleng a mang.
Orbit, e ne e rerile ho amohella Chiefs lebaleng le le holwanyane la Royal Bafokeng empa morero oo o nyopile ka lebaka la mabone.
Papadi ena, e tla bapalla lebaleng la Nelson Mandela Bay ka mantaha wa la 06 Mmesa mme e tla thakgoha ka 18:00.
BALA HAPE: Connor Esterhuizen o tshidisa Afrika Boroa noka o tletse
