Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Da Cruz o lla ka mohlwa papading ya bona e fitileng

Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Fernando Da Cruz, o llile ka mohlwa wa moo sehlopha se bapalletseng papadi ya bona ho ona.

Chiefs e ne e le leetong naheng ya Zambia moo sehlopha se hlotsweng ka 1 – 0 ke Red Arrows leotong la pele la CAF Confederation Cup.

Da Cruz, o hlalositse ha mohlwa o ne o se maemong a dumellang sehlopha ho bapala papadi eo ba e tsebang.

“E ne e se lebala le maemong a matle ho bapala papadi ya rona empa re lokela ho tlwaela le ho bapala hole jwalo,” ho realo Da Cruz.

Le ha sehlopha se lahlehetswe, Da Cruz o dumela ha sehlopha sa hae sene se itukiseditse papadi le ho laola papadi.

“Rene re itukisitse. Re tsibile hore batla bapala dibolo tse telele le ho matha haholo e leng se sebedisang haholo.”

Chiefs e tlasa kgatello ya ho fetola dintho ka ho hapa papadi ya leoto la bobedi ho fetela mokgahlelong o latelang wa group stages.

Amakhosi ke sona fela sehlopha sa Afrika Borwa se lahlehetsweng dipapading tsa kontinente mme kgatello e matla ka ho fitisisa ho bona.

BALA: Siwelele se theolela Seema maemong a tlase a tshebetso