Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Cardoso o fana ka tlaleho ya temalo ya Mokoena

Mokwetlisi wa Mamelodi Sundowns Miguel Cardoso, o fanne ka tlaleho ya moraorao ka kotsi e tswileng sebapadi sa sehlopha Teboho Mokoena.

Mokoena o tswile papadi e ntse e bapala ka sontaha ha Sundowns e ne e etetse Wiliete ya Angola moo ba bapetseng maleka a 0 – 0.

Cardoso, o hlalositse ha kotsi ya Mokoena e le ya ka nako ya sehlopha sa naha empa a tswelapele ho bapala.

“Teboho Mokoena ke sebapadi sa bohlokwa sehlopheng le ha rena le dibapadi tse tlase dilemong,” ho realo Cardoso.

“Kotsi ya sebapadi sena ke ya manonyeletso [ligament] e ileng ya utlwa bohloko sehlopheng sa naha.”

Cardoso o hlalositse ha Mokoena a tla lekolwa ke dingaka tsa sehlopha ho lekola botebo ba kotsi ya hae ho fana ka tlaleho e felletseng.

Sundowns e wetswe ke leru la dikotsi moo dibapadi tsa bohlokwa tsa sehlopha ho kenyeletsa Khuliso Mudau dileng ka ntle ke dikotsi

BALA: Da Cruz o re o tseba seo batshehetsi ba sehlopha ba fetang ho sona