Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Da Cruz o re ho bohlokwa ho dula dihlopheng tse hodimo

Mokwetlisi wa Kaizer Chiefs Fernando Da Cruz, o hlalositse ha ba batla ho tshwarella dihlopheng tse ka hodimo tafoleng ya dihlopha ho Betway Premiership.

Mantswe a Da Cruz, a tla ka nako eo sehlopha sa hae setla bapala papadi ya pele le Stellenbosch FC ka mora kgefutso ya FIFA.

“Re batla ho dula dihlopheng tse ka hodimo tafoleng ya dihlopha. Dihlopheng tse tharo tse ka hodimo empa PSL e sale lelele,” ho realo Da Cruz.

Chiefs e bapetse maleka dipapading tsa bona tsa moraorao mme ba theoha maemong a boraro le ho dula maemong a bone.

Da Cruz o boetse a bontsha ha hole bohlokwa ho lekanya tshebetso ditlhodisanong tse fapaneng tseo sehlopha se bapalang ho tsona.

Ho bohlokwa ho lekanya ditlhodisano tse fapaneng hobane ka mora papadi ya Stellenbosch ke papadi ya Zambia.

Sehlopha setla kena papading kgahlano le Stellenbosch ntle le dibapadi tse hlano tsa bohlokwa ka lebaka la dikotsi.

Lebohang Maboe, Adolf Mtasingwa, Siphesihle Ndlovu, Langelihle Phili le Brandon Petersen, e ke ke yaba karolo ya sehlopha setla tobana le Stellenbosch lebaleng la FNB.

BALA: Mbokazi o thusa Chicago ho hapa papadi ya boraro ka tatellano