Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Barker o thabela tlholo le ho thabisa batshehetsi

Mokwetlisi wa Simba SC Steve Barker, o hlalositse ha a thabetse hore ba hlotse Young Africans mafelong a fitileng a beke.

Barker o ne a thulane le Manqoba Mngqithi papadi ya sehla naheng ya Tanzania moo Barker, a hlotseng Yanga lekgetlo la bobedi ka 2 – 1.

Simba, e tlile e lelekisa papadi ka mora hore Yanga ya Mngqithi e nke ketapele karolong ya pele ya papadi.

“Ke thabile, ke thabetse hore re bapetse ka tsela eo re bapetseng ka yona,” ho realo Barker.

“Re bapetse hantle mme rene re lokela ho hapa papadi jwang kapa jwang mme ke tlholo e kgolo hore re hlotse Yanga [Young Africans].”

Sehlopha sena ke sona fela se sukudisa Barker le pele Mngqithi e ba mokwetlisi wa sona qalong ya sehla sena.

Barker, o hlalositse ha a thabetse tshebetso ya dibapadi tsa hae le hore ba thabisetse balatedi ba bona.

“Ke thabetse hore batshehetsi ba rona ba thabile. Kajeno re ba file thabo le monyaka.

Re batla ho dula re sebetsa ka tsela ena le ho dula re thabisa batshehetsi ba rona.”

BALA: Mngqithi o lahlela la hae tabeng ya Soweto le Kariakoo Derby