Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Moloisane o ikemiseditse ho lwanela sebaka sa hae sehlopheng sa naha

Sebapadi sa lebota la morao sa Kaizer Chiefs Thabo Moloisane, o hlalositse ha a tla lwana ya kgumamela ho kgutlela sehlopheng sa naha.

Moloisane ya tswang sehlopheng sa Stellenbosch, e ne e le karolo ya sehlopha sa naha ka nako ya Hugo Broos mme sebaka sa hae se kwetswe ke dibapadi tse ding ka mora hore a lebe ho Chiefs.

“Ho bapala ka hantle ka nako tsohle [Consitency ho Kaizer Chiefs hotla nkgutlisetsa ho Bafana Bafana, ho realo Moloisane.

“Kene ke bua le Mdu [Mduduzi Shabalala] hore ho kena sehlopheng sa naha ke leeto le le telele empa tlotla ho dibapadi hobane ba sebetsa ka thata.”

Moloisane o qothisana lehlokwa le dibapadi tse bapalang hare leboteng la morao [Centre Back] tse akgelang Lebone Seema, Ime Okon, le Khulumani Ndamane.

Sebapadi sena se hlalositse ha se ikemiseditse ho sebetsa ka thata le ho kgutlela maemong a tlang ho mokgutlisetsa mebaleng ya naha.

“Ke bile le sehla se thata nako e fitileng empa ke qadile ho bapala le ho kgutlela maemong mme ke ikemiseditse ho sebetsa ka thata ho kgutlela sehlopheng.”

Chiefs e tla bapala kgahlano le sehlopha sa Moloisane sa mehleng mme tebello ke ho bona hore bokwetlisi botla qala papadi ka yena kapa tjhe.

BALA: Da Cruz o re ho bohlokwa ho dula dihlopheng tse hodimo