
Di’Proteas dihlotse Ireland ka ho hloka mohau
Sehlopha sa naha sa basadi papading ya krikete, se hapile letoto la dipapadi tsa letsatsi ka leng (ODI) 3 – 0 kgahlano le naha ya Ireland.
Di’Proteas, dihlotse dipapadi tse tharo ntle le ho latswisa Ireland tlholo ketelong ya bona Afrika Boroa.
Papading ya pele barwetsana ba mokwetlisi Mandla Mashimbyi, bahlotse Ireland ka wicket tse 7 ka mora hore baeti ba etse mematho e 209/7.
Karabelong ya bona, Afrika Boroa ke ha e etsa mematho e 211/3 moo Miane Smit (56*) le Sune Luus (66*) ba qetileng papadi bale ka lebaleng.
Papading ya bobedi ke moo Afrika Boroa hlotseng Ireland ka mematho e 74. Di’Proteas dikgonne ho bokeletsa mematho e 375/6 ha Ireland yona e kgonne fela ho etsa 301 dibapadi ditswile kaofela.
Laura Wolvaardt (124), Sune Luus (114) le Dane van Niekerk (88), e bile bona dikgalala tse thusitseng ka ho bokeletsa mematho e mengata ha dibapadi tse akgelang diarolelane mosebetsi wa ho ketola ka ho fapana.
Papading ya boraro e bile e le ya ho qetela, Afrika Boroa e hlotse Ireland ka wicket tse 6.
Ireland, e kgonne ho bokeletsa mematho e 205 dibapadi ditswile kaofela mme Afrika Boroa ya arabela ka 206/4.
Laura Wolvaardt (100*) o qetile makeno a ntse a le kgabong le ho etsa lekgolo la bobedi ka tatellano letotong lena.
Nonkululeko ‘Lefty’ Mlaba, o ketotse dibapadi tse nne le ho thusa Afrika Boroa ho thibela Ireland ho aha mokolokotwane o matla.
Letoto lena kela bobedi leo Afrika Boroa e le hapiileng kgahlano le Ireland ka mora ho ba hlola dipapadi tsa T20 ka 2 – 0.
BALA HAPE: De Kock o arabela potso ya ho kgutlela papading tsa diteko
