
TS Galaxy e rera hofa Mahlambi monyetla wa bobedi
Sebapadi sa mehleng sa Al Ahly le Mamelodi Sundowns Phakamani Mahlambi, o bonwe boikwetlisong ba sehlopha sa TS Galaxy.
Mahlambi ya nang le neo e makatsang ya papadi ya bolo, o ile a bonwa boikwetlisong ba Durban City mathwasong a sehla se hodimo mme mokwetlisi Gavin Hunt a bolela hore ke Mahlambi a ka etsang qeto.
Moholwane enwa wa Seluleko Mahlambi, ke emong wa dibapadi tse iketseditseng lebitso a le monyane dilemong sehlopheng sa Bidvest Wits tlasa Hunt.
Mokwetlisi wa Galaxy Adnan Beganovic, o hlalositse ha Phakamani a ikwetlisa le bona mme a bona sebapadi senang le bokgoni bo makatsang.
“Ke sebapadi se setle senang le tsebo e ikgethileng. Re buile le modulasetulo hore re leke ho mo kganna re bone re kase mokgutlisetse papading,” ho realo Beganovic.
“Ke dumela ha a lokelwa ke monyetla wa bobedi mme re thabetse ho mofa monyetla oo. Seo nka se hlalosang ke hore o lokela ho sebetsa ka thata.”
Le ha a sa dula Egypt, Mahlambi ke yena sebapadi sa pele sa Afrika Boroa ho bapalla Al Ahly ka nako eo a neng a tloha ho Sundowns.
Sebapadi sena se ile sa hapa kgau ya sebapadi sa selemo se tlatse dilemong ka mora ho thusa Wits ho hapa ABSA Premiership ka 2016/17.
Beganovic o hlalositse ha Mahlambi a tseba seo a lokelang ho se etsa e bang a batla ho kgutlela sehlohlolong jwalo ka ha dilemo ntse didumela (28).
“O bile le tsohle, a bapala boemong bo phahameng Afrika mme a boela a lahlehelwa ke tsohle le ho kgutlela fatshe.
“Hase taba ya hore o wa ha kae, ke taba ya hore o phahama ha kae le ho lwanela tse o lahlehetseng.”
BALA HAPE: Phakamani Mahlambi o ditekong ho Durban City
