Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Gustavo Poyet o amahangwa le mosebetsi wa ho kwetlisa Bafana Bafana

Sebapadi sa mehleng sa Uruguay Gustavo Poyet, o amahangwa le mosebetsi wa ho kwetlisa sehlopha sa naha sa Bafana Bafana.

Hoya ka mehlodi ya ditaba naheng ya France, Poyet eo pejana a amahantsweng le naha ya Algeria, o utlwahala a le hara dithatohatsi ho hlahlama Hugo Broos eo nako ya hae e fihlileng pheletsong.

Ditlaleho tsena, ditla ka nako eo boholo ba batho ba lebeletseng mokgatlo o tsamaisang bolo wa SAFA, o tsibise mokwetlisi ya tla tshwara marapo.

Pejana NEC ya SAFA, e bontshitse tshehetso ho mokwetlisi wa mehleng wa Mamelodi Sundowns le Al Ahly Pitso Mosimane le ha bobedi bo hlolane dipuisano tsa moputso.

Le ha hole jwalo, SAFA e ile ya kgutlela tafoleng ya dipuisano ka moputso o ntlafetseng mme ho setse ho mahlakore bobedi ho dumellana le ha hose ho utlwahale lebitso la Poyet.

Naha ya Poland, ke e nngwe ya dinaha tseo ho utlwahalang dina le kgahleho ho Poyet ya kileng a bapalla sehlopha sa Chelsea.

BALA: Senegal e hlwaya sebapadi sa mehleng sa France hoba mokwetlisi