Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

Doctor Khumalo o fumana tlotla ho tswa ho Tshwane University of Technology

Sebapadi sa mehleng sa Bafana Bafana le Kaizer Chiefs Theophilus Doctor Khumalo, o fumana tlotla hotsa setsing sa thuto e phahameng sa Tshwane University of Technology [TUT].

TUT, e abetse Khumalo tlotla ya Honorary Doctorate of Philosophy in Science, Kinesiology and Coaching Science. Setheo sena, se hlalositse ha tlotla ena ele kananelo ya seabo sa Khumalo leetong la hae diapapding, neo le seabo sa hae sedikadikweng sa dipapadi ka kakaretso.

“Kabelo ena ya ‘honorary doctorate’ ke ho keteka menyabuketso le neo ya hae ha mmoho le ho ananela seabo sa hae papading ya bolo ka hara naha ya Afrika jwalo ka ha a ntse a tswelapele ho thusetsa ntshetso peleng ya papadi le tshibollong ya dibapadi tsa ka moso.”

BALA HAPE: Barker o hlola Yanga ho phahamisa mohope wa pele le Simba SC

 Khumalo eo ha jwale e leng mohlophulli wa papadi ho SABC SPORT le hoba kemedi ya a mang a matshwao [Brand Ambassador], o bapalletse sehlopha sa Kaizer Chiefs le Columbus Crew hara tse ding moo a bapetseng dipapadi tse fetang 400 le ho hlaba dintlha tse fetang 80.

Sehlopheng sa naha teng Khumalo o bapatse dipapadi tse fetang 50 mme e bile karolo ya sehlopha sa Bafana Bafana se hapile bompudi ba kontinente ka 1996 le ho emela sehlopa mohopeng wa lefatse ka 1998.

Khumalo ke yena sebapadi sa pele ho hlabela Afrika Boroa ntlha ka mora more naha e fumane monyetla wa ho bapala boemong ba matjhatjhaba ka 1992.

BALA HAPE: Chiefs e tswa lebellong la ho hapa sehla le menyetleng ya ho bapala Champions League