Bolo ya maoto

Mokwetlisi Broos o ntsha mabitso a dibapadi tse 23

Mokwetlisi wa sehlopha sa naha Hugo Broos o tsibisitse mabitso a dibapadi tse 23 tseo a tla disebedisa dipapading tse pedi tseo Afrika Boroa e tla dibapala Bloemfontein.

Bafana Bafana e tla nkana le naha ya Lesotho le Nigeria dipapading tsa ho phunyeletsa ho ya mohopeng wa lefatshe (World Cup qualifier) ka la hlano le robong Lwetse.

Broos o bitseditse difahleho tse ntjha le ho tlohela a mang a mabitso a tsebahalang le ho tlwaeleha.

Dithibathibaneng ke Ronwen Williams, Ricardo Goss le Sipho Chaine.

Leboteng la morao ke Nyiko Mobbie, Zuko Mdunyelwa, Mbekezeli Mbokazi, Aubrey Modiba, Khulumani Ndamane, Ime Okon, Samkelo Kabini le Siyabonga Ngezana.

Mpeng ya lebala ke Teboho Mokoena, Luke Le Roux, Bathusi Aubaas le Thalente Mbatha.

Tlhaselong ke Kamogelo Sebelebele, Oswin Appollis, Patrick Maswanganyi, Iqraam Rayners, Lyle Foster, Mduduzi Shabalala, Mohau Nkota le Relebohile Mofokeng.

Mamelodi Sundowns le Orlando Pirates, ke tsona dihlopha tse nang le dibapadi tse ngata sehlopheng sa naha ha Kaizer Chiefs e na le sebapadi se le seng seng fela.

Broos o hlalositse ha tse ding tsa dibapadi tse sa kenellang sehlopheng e le ka dikotsi le ho sebe le nako e lekaneng ya ho bapala dihlopheng tsa bona.

Afrika Boroa, e tla amohelwa ke Lesotho lebaleng la Toyota, Bloemfontein ka la hlano. Papadi eo etla thakgoha ka hora ya botshelela (18:00) thapama.

Papading ya bobedi Afrika Boroa e tla amohela Nigeria hona lebaleng la Toyata ka la robong Lwetse. Papadi eo le yona e tla thakgoha ka hora ya botshelela (18:00).

BALA HAPE: afrika-boroa-e-bapala-maleka-le-niger