Bolo ya maotoDitaba tsa moraorao

E be AFCON PAMOJA e tla tswelapele jwalo ka dihlophiso?

Mohope o tla tshwarwa ka kopanelo wa AFCON PAMOJA 2027 o setse ka dikgwedi tse ka tlase ho tse 9 pele o thakgoha.

Mohope ona o tla tshwarwa ke dihana tse tharo tse sebedisang puo ya Kiswahili Kenya, Tanzania le Uganda.

Le ha hole jwalo, ho bonahala ha dintho ditsamaya ka monyebe ho feta tebello ntlheng ya ho itukisetsa mohope ona.

Ditlaleho tsa moraorao dikuma ha boitukisetso ba mohope ona ditsamaya ka monyebe e leng se tlisang tshabo ya hore dipapadi tsena ditla tjhetjhiswa kapa ho fetola sebaka moo ditla bapalla teng.

Ditlaleho tsena ditla le ha Mopresidente wa CAF Dr. Patrice Motsepe, a hlalositse ha dipapadi tsena ditla bapala ka nako moo ho hlophisitsweng.

CAF, e qadile ka diketelo dinaheng tse tharo tseo dipapadi tsena ditla bapalla ho tsona ka teko ya ho fumana ditlaleho tsa moraorao.

Tlhodisano ena etla bapala selemong setlang sa 2027 ka kgwedi ya Phupjane ho fihla kgweding ya Phupu.

Tebello ke ho bona hore Dipapadi tsena ditla bapalla moo dihlophiseditsweng ka nako e hlophisitsweng kapa ho tlaba le diphetoho.

BALA: PSL e lebisa makgaolakgang a MTN8 Moses Mabhida