
PSL e lebisa makgaolakgang a MTN8 Moses Mabhida
Mokgatlo o ikemetseng o tsamaisang bolo Afrika Borwa wa PSL, o tsibisitse ha makgaolakgang a MTN8 a tla tshwarelwa lebaleng la Moses Mabhida, Durban.
Makgaolakgang ana a tlaba dipakeng tsa Orlando Pirates e tshireletsang mohope ona le Mamelodi Sundowns e qetetseng ho o hapa ka 2021.
Ke lekgetlo la 10 ho tloha ka 2010 makgaolakgang ana a tshwarelwa lebaleng lena mme ka makgetlo a mangata Pirates e dula e hapele mohope ona Durban.
BALA: Bafana Bafana ba nyoloha hape boemong ba lefatshe
Pirates, e hapile mohope ona makgetlo a mahlano ho tloha ka 2010 ka nako eo o bapallang Durban [2010, 2020, 2022, 2023 le 2024] mme ba o hapile makgetlo a mane ka tatellano ho kenyeletsa 2025 ha makgaolakgang a ne a le Mbombela.
Ka 2021, Sundowns e bile yona e hapang mohope ona mme o ne o bapalla hona Moses Mabhida.
Selemong sena makgaolakgang a tla bapala ka la 10 October mme papadi e tla thakgoha ka 18:00 thapama.
BALA: Shabalala o bula sefuba ka ditshehollo tsa ka mora Soweto Derby
